Jeremia 46:2-18 BIBELE (SSO89SO)

2. Malebana le Egepeta le mabotho a Faro-Neko, kgosi ya Egepeta, a neng a larile pela noka ya Euferatese, Karakemishe, ao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a a hlole ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, Morena o re:

3. “Tshwarang thebe tsa lona,le tshware le dithejana,le teolohe, le thee theko ya ntwa!

4. Qhanehang dipere le di palame!Theang thekole rwetse katiba tsa ntwa!Tshotsang marumo,le apare tsa ntwa!

5. Keng ha ke bonaba se ba phakgasela,ba furaletse, ba se ba etsa sealo?Dinatla tsa bona fatshe di tjapaletse,ke mphete-ke-o-fete,morao ha ba sa hetla,ka nkong tsa bonaho nkga lefu feela!”ho rialo Morena.

6. “Ba nang le sekajamaoto a bona a a katleha,dinatla tsa bonaha di ka ke tsa phonyoha;bohle ba a kgothometseha,ba a polopoqana,ba wela ka leboyaho noka ya Euferatese.

7. “Ke mang eo ya tlangsa noka ya Nile e sabaletse,ya tlangsa noka tsa metsi a bilohang?

8. Ke Egepeta e tlangsa Nile e sabaletse,e tlangsa noka tsa metsi a bilohang.”Egepeta e re:“Ke tla saballa,ke aparele lefatshe,metse ke e timetsemmoho le baahi ba yona.”

9. Morena o re:Futuhang lona banna ba dipere!Kgannang ka sekgahlalona ba dikariki!Teolohang lona banna ba bahlabani,banna ba Kushe le ba Pute,matshwarathebe,banna ba Lode ba fulang ka diqha!

10. Lena ke tsatsi la Morena,Modimo wa mabotho,tsatsi la boiphetetso,ho dira tsa hae;sabole e tla bolayaho fihlela madi a kganathetse,e bolaye ho fihlela madi a e tahile.Morena Modimo wa mabotho,o tla etsa sehlabelo,a se etse nahenge ka leboya ho Euferatese.

11. “Nyolohela Gileadeo fumane moriana teng,wena morwetsana,moradi wa Egepeta;o sebedisitse tlhare tse ngataho se katleho,le ho phekolehaha wa ka wa phekoleha.

12. Tjhaba di utlwileho tlontloloha ha hao,fatshe lohle le tletseseboko sa hao,senatla se thulanele senatla se seng,bobedi ba tsonatsa wela fatshe mmoho.”

13. Lena ke lentswe la Morena, leo a le buileng ho moporofeta Jeremia, la hore Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o tla futuhela Egepeta:

14. “Bolelang tsena Egepeta,le di phatlalatse Migedole,le di phatlalatse le Nofale Tahepanehese, le di bolele,le re:Emang le tiile,le itokisitse,hobane sabole e tla bolayaba le potapotileng.

15. Apise, modingwana haoo fefolwa keng?O sitilwe ho setlelahoba Morena o mo dihile.

16. Morena o kgothomeditseba le bangata,mohlabania wela hodima mohlabani.Ba re:<Tsohang, a re kgutlelengtjhabeng sa habo rona,re kgutleleng nahengya tswalo ya rona,re baleheng sabole ya mokataki.>

17. Teng ba tla howeletsa, ba re:<Faro, kgosi ya Egepeta,o shwahla haholo;menyetla ya hae e se e mo fetile.>

18. “Ke a tiya, ke a hlapanya,”ho rialo Kgosi,Kgosi eo bitso la yonae leng Modimo wa mabotho;“E mong o tla tlasa Tabore hara dithaba,a tle sa Karamele e pela lewatle.

Jeremia 46