Jeremia 46:16-21 BIBELE (SSO89SO)

16. Morena o kgothomeditseba le bangata,mohlabania wela hodima mohlabani.Ba re:<Tsohang, a re kgutlelengtjhabeng sa habo rona,re kgutleleng nahengya tswalo ya rona,re baleheng sabole ya mokataki.>

17. Teng ba tla howeletsa, ba re:<Faro, kgosi ya Egepeta,o shwahla haholo;menyetla ya hae e se e mo fetile.>

18. “Ke a tiya, ke a hlapanya,”ho rialo Kgosi,Kgosi eo bitso la yonae leng Modimo wa mabotho;“E mong o tla tlasa Tabore hara dithaba,a tle sa Karamele e pela lewatle.

19. Tlamang thoto ya lonale be baphaphathehi,lona matswallwa a naha ya Egepeta,hoba Nofa e tla ba nanaola,e hloke baahi.

20. “Egepeta e ka sethole se setlesetle,empa seboba se tswang leboyase tla e lomaka.

21. Bahlabani ba hirilweng ke Egepeta,ba ka manamane a nontshitsweng;le bona ba tla phekgoha,ba balehe kaofela,ha ba ka ke ba tseba ho ema senna,hobane tsatsi la koduwale ba fihletse,ba fihletswe ke nako ya bona,nako ya ho ahlolwa.

Jeremia 46