Jeremia 46:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. Lena ke tsatsi la Morena,Modimo wa mabotho,tsatsi la boiphetetso,ho dira tsa hae;sabole e tla bolayaho fihlela madi a kganathetse,e bolaye ho fihlela madi a e tahile.Morena Modimo wa mabotho,o tla etsa sehlabelo,a se etse nahenge ka leboya ho Euferatese.

11. “Nyolohela Gileadeo fumane moriana teng,wena morwetsana,moradi wa Egepeta;o sebedisitse tlhare tse ngataho se katleho,le ho phekolehaha wa ka wa phekoleha.

12. Tjhaba di utlwileho tlontloloha ha hao,fatshe lohle le tletseseboko sa hao,senatla se thulanele senatla se seng,bobedi ba tsonatsa wela fatshe mmoho.”

13. Lena ke lentswe la Morena, leo a le buileng ho moporofeta Jeremia, la hore Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o tla futuhela Egepeta:

14. “Bolelang tsena Egepeta,le di phatlalatse Migedole,le di phatlalatse le Nofale Tahepanehese, le di bolele,le re:Emang le tiile,le itokisitse,hobane sabole e tla bolayaba le potapotileng.

15. Apise, modingwana haoo fefolwa keng?O sitilwe ho setlelahoba Morena o mo dihile.

16. Morena o kgothomeditseba le bangata,mohlabania wela hodima mohlabani.Ba re:<Tsohang, a re kgutlelengtjhabeng sa habo rona,re kgutleleng nahengya tswalo ya rona,re baleheng sabole ya mokataki.>

Jeremia 46