Jeremia 46:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia malebana le baditjhaba.

2. Malebana le Egepeta le mabotho a Faro-Neko, kgosi ya Egepeta, a neng a larile pela noka ya Euferatese, Karakemishe, ao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a a hlole ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, Morena o re:

3. “Tshwarang thebe tsa lona,le tshware le dithejana,le teolohe, le thee theko ya ntwa!

Jeremia 46