8. Keng ha le nkgalefisa ka mesebetsi eo le e etsang ya ho tjhesetsa medimo esele mokubetso naheng ee ya Egepeta eo le tlileng ho jaka ho yona, hore le tle le timetswe, le rohakehe, le nyedisehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?
9. Na le se le lebetse bokgopo ba bo-ntata lona, le bokgopo ba dikgosi tsa Juda, le bokgopo ba basadi ba bona, le bokgopo ba lona le bokgopo ba basadi ba lona, boo ba bo entseng naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema?
10. Ha ba eso ikokobetse ho fihlela le kajeno; le ho tshaba ha ba eso ka ba tshaba, leha e le ho ya ka melao ya ka le ka ditaelo tsa ka, tseo ke le beetseng tsona, ka di beela le bo-ntata lona.
11. “Ka baka lena, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsebang hore ke rerile ho le tlisetsa koduwa le ho timetsa Juda yohle.
12. Ke tla nka Bajuda ba masalla, ba ngangeletseng ho ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng. Kaofela ha bona ba tla timetswa, ba shwele naheng ya Egepeta. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto; ba tla shwa bohle ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba bolawe ka sabole, ba bolawe ke sekoboto. Ba tla nyediswa, e be sesomo, ba rohakehe, ba nyefolwe.
13. Ba ahileng Egepeta ke tla ba otla ka sabole le ka sekoboto le ka lefu la sewa, jwalokaha ke ile ka otla Jerusalema.
14. Ha ho le ya mong wa masalla a Juda a ileng a ya Egepeta ho ya jaka teng ya tla phonyoha kapa a phele, hore a tle a kgutlele naheng ya Juda, eo ba labalabelang ho kgutlela ho yona ho ya aha ho yona. Ha ho le ya mong ya tla kgutlela ho yona, haese feela mahlatsipa a ka phonyohang.”
15. Jwale banna bohle ba neng ba tseba hore basadi ba bona ba ile ba tjhesetsa medimo esele mokubetso, le basadi bohle ba neng ba le moo, e le letshwelehadi, e leng batho bohle ba neng ba ahile Patarose, naheng ya Egepeta, ba re ho Jeremia:
16. “Ha re ka ke ra mamela seo o re bolellang sona ka lebitso la Morena!
17. Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.
18. Empa haesale re kgaotsa ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, le ho mo etsetsa nyehelo ya dino, re ile ra hloka dintho tsohle, ra bolawa ka sabole, ra bolawa ke sekoboto.”
19. Yaba basadi ba re: “Ha re ne re tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, re mo etsetsa nyehelo ya dino, banna ba rona ba ne ba tseba hore re etsa dikuku tse nang le setshwano sa hae, re mo etsetsa le nyehelo ya dino!”
20. Jwale Jeremia a re ho batho bohle, banna le basadi, le ho batho bohle ba neng ba ile ba mo araba:
21. “Ha ke re mokubetso oo lona le bo-ntata lona, le mahosana a lona, le setjhaba sohle sa naha, oo le ileng la o tjhesetsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke wona oo Morena a ileng a o hopola, mme a o nahana?
22. Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno.
23. Kahobane le ile la tjhesa mokubetso, la sitelwa Morena, la se ka le mamela lentswe la hae, la se ke la ya ka molao wa hae, kapa ka ditaelo tsa hae, kapa ka dikeletso tsa hae, le wetswe ke koduwa ena hodimo, jwalokaha le bona.”
24. Jeremia a re ho setjhaba, haholoholo ho basadi: “Mamelang lentswe la Morena, lona bohle ba morabe wa Juda, ba leng naheng ya Egepeta;