28. Empa ba mmalwana, ba tlang ho phonyoha, ba tla tswa naheng ya Egepeta, ba kgutlele naheng ya Juda, mme masalla a Juda, a ileng a ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng, a tla tseba hore na ha e le lentswe la ka kapa lentswe la bona, ke lefe leo e leng nnete.
29. “Morena o re: <Seo e tla ba pontsho ho lona ke hore ke tla le otlela hona sebakeng sena, le tle le tsebe hore mantswe a ka a ho le dihela koduwa a a phethahala.>
30. Morena o bua tjena: <Bonang, ke tla neelana ka Faro Hofera, kgosi ya Egepeta, matsohong a dira tsa hae, le matsohong a ba batlang ho mmolaya, jwalokaha ke ile ka neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, sera sa hae se neng se rata ho mmolaya.> ”