9. “Nka majwe a dikakawe, o a tsetele tseleng e katilweng ka ditene, e lebang tlung ya Faro e Tahepanehese, pontsheng ya banna ba Juda,
10. ebe o re ho bona: <Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bonang, ke tla tlisa mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme ke tla bea terone ya hae hodima majwe ana ao ke a tsetetseng; yena o tla hloma tente ya hae ya bokgosi hodima wona.
11. Ha a fihla o tla otla naha ya Egepeta, a bolaye ba lokelang ho bolawa, a thope ba lokelang ho thopuwa, ba abetsweng sabole a ba bolaye ka sabole.
12. Ke tla besa mollo ka ditempeleng tsa medimo ya Egepeta; Nebukadenesare o tla tjhesa ditempele tseo, a hape medimo eo a e ise bothopuweng. Jwalokaha modisa a ye a hlwekise kobo ya hae ka ho e runa dinta, le Nebukadenesare o tla hlwekisa naha ya Egepeta jwalo, ebe o tloha teng ka kgotso.
13. O tla be a pshatle le difika tseo le di kgumamelang, tse Bete-Shemeshe, naheng ya Egepeta, ditempele tsa medimo ya Baegepeta a di tjhese ka mollo.> ”