1. Hoba Jeremia a qete ho bolella setjhaba sohle mantswe wohle a Morena Modimo wa sona, mantswe wohle ao Morena Modimo wa sona, a neng a mo romme ho se bolella wona,
2. bo-Asariya, mora wa Hoshaya, le Johanane, mora wa Karea, le banna bohle ba ikakasang, ba re ho Jeremia: “O bua leshano! Morena Modimo wa rona, ha a ya o roma hore o re: <Le se ke la ya jaka Egepeta!>
3. Ke Baruke, mora wa Neriya, ya o hlohleletsang hore o neelane ka rona matsohong a Bakalatiya, ba tle ba re bolaye, kapa ba re ise Babilona, bothopuweng.”
4. Kahoo bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, le setjhaba sohle, ba se ke ba mamela lentswe la Morena, la hore ba ahe naheng ya Juda.
5. Empa bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, ba nka masalla wohle a Juda, a neng a kgutletse naheng ya Juda ho tla aha ho yona, a etswa ditjhabeng tsohle tseo a neng a qhalanetse ho tsona.
6. Ba nka le banna le basadi, le bana le baradi ba kgosi, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a ba siile le Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, le moporofeta Jeremia, le Baruke, mora wa Neriya.
7. Ba fihla naheng ya Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Yaba he ba fihla Tahepanehese.
8. Jwale lentswe le Morena la fihla ho Jeremia ha a le Tahepanehese, la re:
9. “Nka majwe a dikakawe, o a tsetele tseleng e katilweng ka ditene, e lebang tlung ya Faro e Tahepanehese, pontsheng ya banna ba Juda,
10. ebe o re ho bona: <Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bonang, ke tla tlisa mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme ke tla bea terone ya hae hodima majwe ana ao ke a tsetetseng; yena o tla hloma tente ya hae ya bokgosi hodima wona.