Jeremia 42:4-16 BIBELE (SSO89SO)

4. Moporofeta Jeremia a re ho bona: “Ke le mametse; bonang, ke tla rapela Morena Modimo wa lona, ho ya kamoo le kopileng kateng, mme ke tla le bolella tsohle tseo Morena a tla di bua, ke sa le patele letho.”

5. Bona ba re ho Jeremia: “Morena e be yena paki ya nnete, e tshepahalang, e tla re ahlola, haeba re ke ke ra hlompha ditaelo tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tlang ho di romela ho rona ka wena.

6. Re tla mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, eo re o romang ho yena, leha le ka ba monate kapa la ba bohloko, hore ditaba tsa rona di tle di tsamaye hantle, ha re mamela lentswe la Morena Modimo wa rona.”

7. Yare hoba ho fete matsatsi a leshome, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia.

8. Yaba Jeremia o bitsa Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho ba neng ba ena le yena, le batho bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang.

9. A re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, eo le nthommeng ho yena ho ya le buella, o bua tjena:

10. <Haeba le ka nna la phela naheng ena, ke tla le bopa, ke se ke ka le qhalanya; ke tla le tsitsisa, ke se ke ka le diha, hobane ke inyatsetsa koduwa eo ke ileng ka e dihela hodima lona.

11. Le se ke la tshaba kgosi ya Babilona, eo le e tshabang hona jwale. Le se ke la e tshaba, hobane ke na le lona, ke tla le pholosa, ke le lopolle matsohong a yona, ho rialo Morena.

12. Ke tla le hauhela hore le yona e tle e le hauhele, e le kgutlisetse naheng ya habo lona.>

13. “Empa haeba le re: <Ha re ka ke ra phela naheng ena,> mme le sa mamele lentswe la Morena Modimo wa lona;

14. eba le re: <Tjhe, re tla ikela naheng ya Egepeta, moo re sa tlo hlola re bona ntwa, kapa re utlwa modumo wa lenaka, leha e le hona ho bolawa ke sekoboto, mme re tla phela moo;>

15. lona he, masalla a Juda, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Haeba le fela le ikemiseditse ho ya Egepeta ho ya jaka teng,

16. sabole eo le e tshabang e tla le fumana moo Egepeta, le sekuboto seo le se tshabang se tla le sala morao ho ya fihla moo Egepeta, mme le tla shwela hona teng.

Jeremia 42