Jeremia 42:15-22 BIBELE (SSO89SO)

15. lona he, masalla a Juda, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Haeba le fela le ikemiseditse ho ya Egepeta ho ya jaka teng,

16. sabole eo le e tshabang e tla le fumana moo Egepeta, le sekuboto seo le se tshabang se tla le sala morao ho ya fihla moo Egepeta, mme le tla shwela hona teng.

17. Ho tla fela ho be jwalo ho bohle ba ikemiseditseng ho ya phela Egepeta; ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa; ha ho le ya mong wa bona ya tla phela, kapa a pheme koduwa eo ke tla e dihela hodima bona.>

18. “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.>

19. “Malebana le lona Morena o itse: <Lona masalla a Juda le se ke la ya Egepeta.> Tsebang hore ka letsatsi lena ke le kgalemetse,

20. hobane ha le ne le nthoma ho Morena Modimo wa lona, le ne le etsa boikaketsi bo tla le timetsa, ha le re: <Re rapelle ho Morena Modimo wa hao; o re bolelle tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tla di bua, mme re tla di etsa.>

21. Ka letsatsi lena ke le boleletse tsona, empa ha le a mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, leha e le ntho efe kapa efe eo a nthommeng ho le bolella yona.

22. Ka baka leo, tsebang hore ruri le tla bolawa ka sabole, le bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa, hona naheng eo le reng le ya jaka ho yona.”

Jeremia 42