Jeremia 42:10-18 BIBELE (SSO89SO)

10. <Haeba le ka nna la phela naheng ena, ke tla le bopa, ke se ke ka le qhalanya; ke tla le tsitsisa, ke se ke ka le diha, hobane ke inyatsetsa koduwa eo ke ileng ka e dihela hodima lona.

11. Le se ke la tshaba kgosi ya Babilona, eo le e tshabang hona jwale. Le se ke la e tshaba, hobane ke na le lona, ke tla le pholosa, ke le lopolle matsohong a yona, ho rialo Morena.

12. Ke tla le hauhela hore le yona e tle e le hauhele, e le kgutlisetse naheng ya habo lona.>

13. “Empa haeba le re: <Ha re ka ke ra phela naheng ena,> mme le sa mamele lentswe la Morena Modimo wa lona;

14. eba le re: <Tjhe, re tla ikela naheng ya Egepeta, moo re sa tlo hlola re bona ntwa, kapa re utlwa modumo wa lenaka, leha e le hona ho bolawa ke sekoboto, mme re tla phela moo;>

15. lona he, masalla a Juda, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Haeba le fela le ikemiseditse ho ya Egepeta ho ya jaka teng,

16. sabole eo le e tshabang e tla le fumana moo Egepeta, le sekuboto seo le se tshabang se tla le sala morao ho ya fihla moo Egepeta, mme le tla shwela hona teng.

17. Ho tla fela ho be jwalo ho bohle ba ikemiseditseng ho ya phela Egepeta; ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa; ha ho le ya mong wa bona ya tla phela, kapa a pheme koduwa eo ke tla e dihela hodima bona.>

18. “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.>

Jeremia 42