7. Ha ba fihla hara motse, Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna bao a neng a ena le bona, ba ba bolaya, ba ba lahlela ka mokoting.
8. Empa ba leshome ba bona ba re ho Ishemaele: “Se ke wa re bolaya, hobane re na le matlotlo ao re a patileng hara naha, e leng koro le harese, le ole le mahe a dinotshi.” Yaba o a ba tlohela, a se ke a ba bolaya ha a bolaya bana babo bona.
9. Mokoti oo Ishemaele a ileng a lahlela ditopo tsa banna ba bolailweng hammoho le Gedaleya ka ho wona, ke oo kgosi Asa a neng a o tjheke e le karolo ya boitshireletso ba hae ntweng ya hae le Baasha, kgosi ya Iseraele. Ishemaele, mora wa Netaniya, o ile a o tlatsa ka ditopo.