Jeremia 41:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama, eo e neng e le wa madi a borena, e bile e le e mong wa balaodi ba kgosi, a tla ho Gedaleya, mora wa Ahikama, motseng wa Misepa, a ena le banna ba leshome. Yare moo ba ntseng ba eja ba le mmoho,

2. Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna ba leshome, bao a neng a ena le bona ba raoha, ba hlatha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ka sabole, ba bolaya ya neng a kgethilwe ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa naha eo.

3. Ishemaele a bolaya le Bajuda bohle ba neng ba ena le Gedaleya motseng wa Misepa, hammoho le bahlabani ba Bakalatiya ba neng ba le moo.

4. Hoba ho fete letsatsi Gedaleya a bolailwe, ho eso be le motho ya ka tsebang tsa polao eo,

5. banna ba mashome a robedi, ba beotseng ditedu, ba hahotseng diaparo tsa bona, ba iphatsitseng, ba fihla ba etswa Shekeme, le Shilo, le Samaria, ba tliseditse Tempele ya Morena dinyehelo tsa dijo le mokubetso.

6. Ishemaele, mora wa Netaniya, a tloha Misepa ho ya ba kgahlanyetsa, a tsamaya a ntse a lla. Ha a fihla ho bona, a re: “Tloong ho Gedaleya, mora wa Ahikama.”

7. Ha ba fihla hara motse, Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna bao a neng a ena le bona, ba ba bolaya, ba ba lahlela ka mokoting.

Jeremia 41