Jeremia 40:7-16 BIBELE (SSO89SO)

7. Ha balaodi bohle ba mabotho, hammoho le bahlabani ba bona ba neng ba le naheng eo, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, hore e be mmusi wa naha, le hore banna, basadi, bana le mafutsana a naha eo, le bohle ba ileng ba sala naheng eo, ba beilwe tlasa hae,

8. yaba ba tla ho Gedaleya, motseng wa Misepa, e le bo-Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane le Jonathane, bara ba Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete, le bara ba Efai ya tswang Netofa, le Jesaniya, mora wa Maaka, ba ena le bahlabani ba bona.

9. Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, a ba hlapanyetsa, a hlapanyetsa le bahlabani ba bona, a re: “Le se ke la tshaba ho sebeletsa Bakalatiya. Ahang naheng ena le sebeletse kgosi ya Babilona, mme le tla phela hamonate.

10. Ha e le nna ke tla aha motseng wa Misepa, ke be molomo wa lona ho Bakalatiya ba tlang ho rona, empa lona le lokela ho ya kotula morara le ditholwana tse jewang hlabula, le ole, le e tshele dinkgong tsa lona, le iphelele metseng eo le leng ho yona jwale.”

11. Eitse ha Bajuda bohle ba neng ba le naheng ya Moabe, le ba phelang hara Baamone le Edomo, le ba neng ba phela dinaheng tse ding tsohle, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e siile masalla a Juda, le hore e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be mmusi wa bona,

12. le bona bohle ba kgutlela ho Gedaleya, naheng ya Juda, motseng wa Misepa, ba etswa dinaheng tsohle tseo ba neng ba qhalanyeditswe ho tsona. Ba kotula morara o mongata le ditholwana tse jewang hlabula.

13. Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho a neng a ntse a le hara naha, ba tla ho Gedaleya, motseng wa Misepa, ba re ho yena:

14. “Na ha o tsebe hore Baalese, kgosi ya Baamone, o rometse Ishemaele, mora wa Netaniya, ho tla o bolaya?” Empa Gedaleya, mora wa Ahikama, a se ke a ba kgolwa.

15. Yaba Johanane, mora wa Karea, o bua le Gedaleya ka lekunutu, a le motseng wa Misepa, o re: “Ntumelle ke yo bolaya Ishemaele, mora wa Netaniya, mme ha ho motho le ya mong ya tla tseba taba ena. Ke hobaneng ha a rata ho o bolaya, hore Bajuda bohle ba tlileng ho wena ba tle ba qhalane, le hore masalla wohle a Juda a bolawe?”

16. Empa Gedaleya, mora wa Ahikama, a re ho Johanane, mora wa Karea: “O se ke wa etsa jwalo, hobane seo o se buang ka Ishemaele hase nnete.”

Jeremia 40