Jeremia 40:2-8 BIBELE (SSO89SO)

2. Molaodi wa balebedi ba kgosi a re ho Jeremia: “Morena Modimo wa hao, ke yena ya ileng a rerela sebaka sena koduwa ena.

3. Jwale Morena o e phethahaditse, o entse kamoo a itseng o tla etsa kateng hobane le sitetswe Morena, la se ke la mamela lentswe la hae; ka baka lena, koduwa ena e le wetse hodimo.

4. Empa bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a neng a le matsohong a hao. Haeba o bona ho lokela hore o ye le nna Babilona, a re ye, mme ke tla o hlokomela haholo. Empa haeba o bona ho sa lokele ho ya le nna Babilona, le teng o ka itulela. Bona mona, o ka ikela hohle moo o ratang ho ya teng naheng ena eo o leng ho yona.”

5. Yare Jeremia a eso ka a tsamaya, Nebusaradane a re: “Kgutlela ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ya beilweng ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa metse ya Juda, o phele le yena hara setjhaba, kapa o ikele kae kapa kae moo o ratang ho ya teng.”Yaba molaodi wa balebedi ba kgosi o mo fa mofao, o mo fa le mpho, o a mo lokolla.

6. Jeremia a ya Misepa ho Gedaleya, mora wa Ahikama, a phela le yena hara setjhaba se neng se setse naheng eo.

7. Ha balaodi bohle ba mabotho, hammoho le bahlabani ba bona ba neng ba le naheng eo, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, hore e be mmusi wa naha, le hore banna, basadi, bana le mafutsana a naha eo, le bohle ba ileng ba sala naheng eo, ba beilwe tlasa hae,

8. yaba ba tla ho Gedaleya, motseng wa Misepa, e le bo-Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane le Jonathane, bara ba Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete, le bara ba Efai ya tswang Netofa, le Jesaniya, mora wa Maaka, ba ena le bahlabani ba bona.

Jeremia 40