Jeremia 4:8-14 BIBELE (SSO89SO)

8. Apara tse mahwashe,o lle sa mmokotsane,kgalefo e tlokomang ya Morenaha e a re tlohela.

9. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“pelo ya kgosi le tsa mahosanadi tla nyahama,baprista ba tla tshoha,baporofeta ba tsielehe.”

10. Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: <Le tla ba le kgotso,> athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.”

11. Ka nako eo ho tla bolellwa batho bana, le Jerusalema, ho thwe:“Moya o omeletseng o tla hlaha,o hlahe tutudung tsa lehlabathe,o fokele tjhabeng sa ka,o etswa lehwatateng;ha e yo ba wa ho olosa,ha e yo ba wa ho fefera,

12. e tla ba lehodiotswana,hobane o tswa ho nna,ke tla be ke ba phatlalletsele dikahlolo tsa bona.”

13. Sera se subuhlellanasa maru a phethesela,kariki tsa sona tsa ntwadi tla sa setsokotsane,belo la pere tsa sonale feta la ntsu.A rona bale! Re timetse ruri!

14. Hlatswa bokgopo pelong ya hao,o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema;pelo ya hao e tla kwetla mehopolo,e kwetle mehopolo e kgopoho fihlela neng?

Jeremia 4