Jeremia 4:7-11 BIBELE (SSO89SO)

7. Tau e tswile selaong sa yona,motimetsi wa ditjhaba o futuhile;o tswile hae ho senya naha ya hao,metse e be masupi, e hloke baahi.

8. Apara tse mahwashe,o lle sa mmokotsane,kgalefo e tlokomang ya Morenaha e a re tlohela.

9. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“pelo ya kgosi le tsa mahosanadi tla nyahama,baprista ba tla tshoha,baporofeta ba tsielehe.”

10. Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: <Le tla ba le kgotso,> athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.”

11. Ka nako eo ho tla bolellwa batho bana, le Jerusalema, ho thwe:“Moya o omeletseng o tla hlaha,o hlahe tutudung tsa lehlabathe,o fokele tjhabeng sa ka,o etswa lehwatateng;ha e yo ba wa ho olosa,ha e yo ba wa ho fefera,

Jeremia 4