5. “Bolelangkahara naha yohle ya Juda,le phatlalletse le Jerusalema,le re: <Letsang lenakakahara naha yohle!>Hlabang mokgosi,le phuthehe, le re:<Kgobokanang, le thee theko!Tshabelang metseng,metseng e sireleditsweng!>
6. Phahamisang mokgele,le lebe Sione!Potlakelang teng, le se ka la dieha!Ke tlisa koduwa e hlaha leboya,koduwa eo e tla ba nanaola.”
7. Tau e tswile selaong sa yona,motimetsi wa ditjhaba o futuhile;o tswile hae ho senya naha ya hao,metse e be masupi, e hloke baahi.
8. Apara tse mahwashe,o lle sa mmokotsane,kgalefo e tlokomang ya Morenaha e a re tlohela.
9. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“pelo ya kgosi le tsa mahosanadi tla nyahama,baprista ba tla tshoha,baporofeta ba tsielehe.”
10. Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: <Le tla ba le kgotso,> athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.”
11. Ka nako eo ho tla bolellwa batho bana, le Jerusalema, ho thwe:“Moya o omeletseng o tla hlaha,o hlahe tutudung tsa lehlabathe,o fokele tjhabeng sa ka,o etswa lehwatateng;ha e yo ba wa ho olosa,ha e yo ba wa ho fefera,