Jeremia 4:27-31 BIBELE (SSO89SO)

27. Morena o bua tjena:“Lefatshe lohle le tla senyeha,empa ha ke na ho le timeletsa ruri.

28. Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi,mahodimo a hodimo le wona a fifale,hobane ke boletse, ke se ke rerile,nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.”

29. Ha rata la bapalamile ba diqha le utlwahala,baahi ba metse yohle ba tla baleha;ba tla kena merung,ba hlwelle hodima mafika;metse yohle e tla furallwake baahi ba yona,ha ho le ya mongya tla phela ho yona.

30. O tla etsang ha o so faladitswe?Leha o ka aparaseaparo se sefubedu,leha o ka tlatlapelamekgabiso ya kgauta,fahleho sa haowa se tlotsa ka kgokgotsi,ha o ka ke wa hlola o sa rateha,baratuwa ba hao ba tla o nyedisa,ba batle ho timetsa bophelo ba hao.

31. Ke utlwile sellose kang sa mosadi a pepa,modumaelo o kang wa mosadi,mosadi wa letsibolana;sello sa moradi wa Sioneha a fehelwa, ha a itelela,a phakalatsa matsoho, a re:“Ka tla ka le bona!Bophelo ba kabo matsohong a babolai!”

Jeremia 4