19. “Ke longwa ke mala!Ke longwa ke mala!Botebo ba pelo ya kabo tletse mahlaba!Pelo ya ka e uba kahare ho nna;nke ke ka kgutsa,hobane ke utlwilemodumo wa lenakale mokgosi wa ntwa.
20. Koduwa di fihla ka ho latellana,hobane fatshe lohle le senyehile;hanghang tente tsa kadi a senyeha,masira a tsonaa tabohe ka ho panya ha ntshi.
21. Ke tla bona mokgeleho fihlela neng,ke utlwe modumo wa lenakaho fihlela neng?
22. “Tjhaba sa ka se thotofetse,ha se sa ntseba,ke tseketseke tsa bana,ha se na kutlwisiso;ho etsa bokgopo se ho hlalefetse,ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”
23. Ka tadima lefatshe, mme ka le bonale se na sebopeho, le se na letho;le mahodimo ha ke a tadima,ka fumana le wona a se na leredi.
24. Ka tadima dithaba,ka bona di thothomela,maralla wohle le wona a sisinyeha.
25. Ka tadima hape,ka bona ho se na motho,nonyana tsohle tsa lehodimodi balehile.
26. Ka boela ka tadima,ka bona masimo e le mehola,metse yohle ya mooe fetohile masupi,e heleditswe ke Morenaka kgalefo e tlokomang.
27. Morena o bua tjena:“Lefatshe lohle le tla senyeha,empa ha ke na ho le timeletsa ruri.