Jeremia 4:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena o re:“Ha o rata ho kgutla,wena Iseraele,kgutlela ho nna.Ha o ka tlosa manyala a haomahlong a ka,wa se ke wa hlola o kgeloha hape;

2. ha o ka hlapanyaka nna Morena ya phelang,wa hlapanya ka nnetele ka botshepehi, le ka ho loka,ditjhaba tsohleke tla di hlohonolofatsa,ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”

3. Ho banna ba Juda le ba Jerusalema, Morena o re:“Ikgatheleng dithite tsa lona,le se ke la jala hara meutlwa;

4. bolokang selekane sa lona le nna,le ineele nna ka pelo tsa lona tsohle,lona banna ba Judale baahi ba Jerusalema;esere kgalefo ya kaya laima sa malakabe,ya tjhesa ho se ya ka e timang,ka baka la bokgopo ba ketso tsa lona.”

5. “Bolelangkahara naha yohle ya Juda,le phatlalletse le Jerusalema,le re: <Letsang lenakakahara naha yohle!>Hlabang mokgosi,le phuthehe, le re:<Kgobokanang, le thee theko!Tshabelang metseng,metseng e sireleditsweng!>

6. Phahamisang mokgele,le lebe Sione!Potlakelang teng, le se ka la dieha!Ke tlisa koduwa e hlaha leboya,koduwa eo e tla ba nanaola.”

7. Tau e tswile selaong sa yona,motimetsi wa ditjhaba o futuhile;o tswile hae ho senya naha ya hao,metse e be masupi, e hloke baahi.

8. Apara tse mahwashe,o lle sa mmokotsane,kgalefo e tlokomang ya Morenaha e a re tlohela.

9. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“pelo ya kgosi le tsa mahosanadi tla nyahama,baprista ba tla tshoha,baporofeta ba tsielehe.”

10. Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: <Le tla ba le kgotso,> athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.”

11. Ka nako eo ho tla bolellwa batho bana, le Jerusalema, ho thwe:“Moya o omeletseng o tla hlaha,o hlahe tutudung tsa lehlabathe,o fokele tjhabeng sa ka,o etswa lehwatateng;ha e yo ba wa ho olosa,ha e yo ba wa ho fefera,

12. e tla ba lehodiotswana,hobane o tswa ho nna,ke tla be ke ba phatlalletsele dikahlolo tsa bona.”

13. Sera se subuhlellanasa maru a phethesela,kariki tsa sona tsa ntwadi tla sa setsokotsane,belo la pere tsa sonale feta la ntsu.A rona bale! Re timetse ruri!

Jeremia 4