12. “Mo nkeng le mo hlokomele, le se ke la mo etsa hampe, le mpe le mo etsetse tsohle tseo a tla le kopa tsona.”
13. Yaba bo-Nebusaradane, molaodi wa balebedi, le Nebushasebane, mookamedi wa bahlanka, le Neregale-Sharesere, mookamedi a meholo, le balaodi bohle ba kgosi ya Babilona,
14. ba laela hore ho ntshwe Jeremia ka lebaleng la tjhankana, ba neelane ka yena ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore a ye le yena lapeng ha hae. Jeremia a nna a phela hara setjhaba sa habo.
15. Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia ha a ne a ntse a kwaletswe ka lebaleng la tjhankana, la re:
16. “Tsamaya, o yo bua le Ebede-Meleke wa Mokushe, o re ho yena: <Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bona, ke tla phethahatsa lentswe la ka malebana le motse ona. Ke tla o dihela koduwa, e seng katleho. Tsena di tla phethahatswa moo o ntseng o bona.