7. Ha Ebede-Meleke wa Mokushe, eo e neng e le mohlanka ya sebetsang ka tlung ya kgosi, a utlwa hore ba dihetse Jeremia ka mokoting, ka nako eo kgosi e ne e dutse Monyako wa Benjamine,
8. Ebede-Meleke a tswa ka tlung ya kgosi, a buisana le kgosi, a re:
9. “Monga ka, kgosi ya ka, banna bana ba etseditse moporofeta Jeremia bokgopo ka ho mo lahlela ka mokoting; a ka nna a shwela kamoo ka mokoting ke tlala, hobane ha ho sa na dijo motseng mona.”
10. Yaba kgosi e laela Ebede-Meleke wa Mokushe, e re: “Nka banna ba mashome a mararo le yo ntsha moporofeta Jeremia ka mokoting a eso ka a eshwa.”
11. Ebede-Meleke a nka banna bao, a ya le bona ka kamoreng eo ho bolokwang diphahlo tsa kgosi ka ho yona. A fihla a ntsha diaparo tsa kgale tse seng di tabohile, a di theolela ka mehala ho Jeremia, ka mokoting.
12. Ebede-Meleke wa Mokushe a re ho Jeremia: “Nka diaparo tsena, o di kenye ka mahafing, o tlo se ka sehlwa ke mehala.” Jeremia a etsa jwalo.
13. Yaba ba hula Jeremia ka mehala, ba mo nyolla ka mokoting. Jeremia a boela a dula lebaleng la tjhankana hape.
14. Kgosi Sedekiya, a eme monyakong wa boraro wa ntlo ya kgosi, a laela hore a bitsetswe Jeremia. Kgosi ya re ho Jeremia: “Ho na le seo ke ratang ho o botsa sona; o mpolelle tsohle, o sa mpatele letho.”