Jeremia 38:15-28 BIBELE (SSO89SO)

15. Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Na ha ke o bolella tsohle, ha o na ho mpolaya? Na ha ke o eletsa o tla mmamela?”

16. Kgosi Sedekiya a hlapanyetsa Jeremia ka lekunutu, a re: “Ka Morena ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya kapa ka neelana ka wena matsohong a banna bana ba batlang ho o bolaya.”

17. Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela.

18. Empa haeba o sa ineele ho mahosana a kgosi ya Babilona, ho tla neelanwa ka motse ona matsohong a Bakalatiya, mme ba tla o tjhesa ka mollo. Wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.> ”

19. Kgosi Sedekiya a re ho Jeremia: “Ke tshaba Bajuda ba neng be ineele ho Bakalatiya, esere mohlomong Bakalatiya ba neelana ka nna matsohong a Bajuda bao hore ba ntlhokofatse.”

20. Jeremia a re ho kgosi: “Ba ke ke ba neelana ka wena. Ke a o kopa hle: Hlompha lentswe la Morena, leo ke o bolellang lona, e le hore o tle o atlehe, mme o phele.

21. Empa haeba o hana ho ineela ho kgosi ya Babilona, Morena o ntshenoletse tsena:

22. Basadi bohle ba setseng ka tlung ya kgosi ya Juda ba tla tliswa ho mahosana a kgosi ya Babilona; basadi bao ba tla re ho wena:“ <Metswalle ya haoeo kgelositse ya ba ya o hlola,metswalle ya haoeo e ne le letshepa la hao;maoto a hao a qahilwe tebetebeng,metswalle ya hao e o lahlile.>

23. “Basadi ba hao bohle le bana ba hao, ba tla newa Bakalatiya. Wena ha o ka ke wa phonyoha matsohong a bona, o tla thopuwa ke kgosi ya Babilona, Ke baka la hao motse ona o tla tjheswa ka mollo.”

24. Yaba Sedekiya o re ho Jeremia: “O se ke wa tsebisa motho le ya mong mantswe ana, e le hore o tle o se ke wa bolawa.

25. Empa haeba mahosana a ka utlwela hore re ile ra buisana le wena, mme a re ho wena: <Re bolelle seo o neng o se bua le kgosi, o sa pate letho, re tle re se ke ra o bolaya; o re bolelle le seo kgosi e se buileng ho wena,>

26. wena o tle o re ho wona: <Ke ile ka bea thapedi ya ka kapele ho kgosi, hore e se ke ya mpusetsa tlung ya Jonathane ho ya shwela teng.> ”

27. Yaba mahosana wohle a fihla ho Jeremia, a a mmotsa, mme Jeremia a a araba ho ya kamoo kgosi e mmoleletseng kateng. Mahosana a kgutsa, kahobane ho ne ho se ya ileng a utlwa seo Jeremia a se buileng le kgosi.

28. Jeremia a dula ka lebaleng la tjhankana ho fihlela ka letsatsi leo Jerusalema e ileng ya hapuwa ka lona. Le yena Jeremia o ne a le teng ha Jerusalema e hapuwa.

Jeremia 38