Jeremia 38:13-20 BIBELE (SSO89SO)

13. Yaba ba hula Jeremia ka mehala, ba mo nyolla ka mokoting. Jeremia a boela a dula lebaleng la tjhankana hape.

14. Kgosi Sedekiya, a eme monyakong wa boraro wa ntlo ya kgosi, a laela hore a bitsetswe Jeremia. Kgosi ya re ho Jeremia: “Ho na le seo ke ratang ho o botsa sona; o mpolelle tsohle, o sa mpatele letho.”

15. Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Na ha ke o bolella tsohle, ha o na ho mpolaya? Na ha ke o eletsa o tla mmamela?”

16. Kgosi Sedekiya a hlapanyetsa Jeremia ka lekunutu, a re: “Ka Morena ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya kapa ka neelana ka wena matsohong a banna bana ba batlang ho o bolaya.”

17. Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela.

18. Empa haeba o sa ineele ho mahosana a kgosi ya Babilona, ho tla neelanwa ka motse ona matsohong a Bakalatiya, mme ba tla o tjhesa ka mollo. Wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.> ”

19. Kgosi Sedekiya a re ho Jeremia: “Ke tshaba Bajuda ba neng be ineele ho Bakalatiya, esere mohlomong Bakalatiya ba neelana ka nna matsohong a Bajuda bao hore ba ntlhokofatse.”

20. Jeremia a re ho kgosi: “Ba ke ke ba neelana ka wena. Ke a o kopa hle: Hlompha lentswe la Morena, leo ke o bolellang lona, e le hore o tle o atlehe, mme o phele.

Jeremia 38