Jeremia 38:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Bo-Shefatiya, mora wa Matane, le Gedaleya, mora wa Pashahure, le Jukale, mora wa Shelemiya, le Pashahure, mora wa Malakiya, ba utlwa mantswe ao Jeremia a ileng a a bua ho setjhaba sohle, a re:

2. “Morena o bua tjena: <Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, a bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa. Empa ya tla ineela ho Bakalatiya yena o tla phela; bophelo ba hae e tla ba wona moputso wa hae, mme o tla phela.>

3. Morena o bua tjena: <Ruri motse ona ho tla neelanwa ka wona matsohong a mabotho a kgosi ya Babilona, mme a tla o hapa.> ”

4. Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”

Jeremia 38