9. “Kahoo Morena o bua tjena: Le se ke la ithetsa ka ho re: <Ruri Bakalatiya ba tla re tlohela.> Ba ke ke ba le tlohela!
10. Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”
11. Ha lebotho la Bakalatiya le se le tlohile Jerusalema ka lebaka la ho tshaba lebotho la Faro,
12. Jeremia o ile a tloha Jerusalema, a ya naheng ya Benjamine, ho ya fumana lefa la hae hara setjhaba sa habo.
13. Eitse ha a fihla Monyako wa Benjamine a fumana molaodi wa balebedi moo, eo lebitso la hae e neng e le Jiriya, mora wa Shelemiya, setloholo sa Hananiya. Yaba Jiriya o tshwara moporofeta Jeremia, o re: “Wena o ilo ineela ho Bakalatiya!”
14. Jeremia a re: “O leshano! Ha ke yo ineela ho Bakalatiya!” Empa Jiriya a se ke a mo mamela, a mo tshwara, a mo isa ho babusi.
15. Yaba babusi ba halefela Jeremia haholo, ba a mo shapa, ba mo kenya tjhankaneng, ka tlung ya Jonathane, eo e neng e le mongodi wa puso, e leng ntlo eo ba neng ba e fetotse tjhankana.
16. Jeremia a lahlelwa ka tjhankaneng e lefifi e katlasa ntlo, mme a hlola teng nako e telele.
17. Yaba kgosi Sedekiya o laela hore Jeremia a ntshwe ka tjhankaneng, a tliswe tlung ya bokgosi, mme a mmotsa ka lekunutu, a re: “Na o na le molaetsa o tswang ho Morena?”Jeremia a araba, a re: “E, o teng. Morena o itse ho tla neelanwa ka wena matsohong a kgosi ya Babilona.”
18. Jeremia a tswela pele, a re ho kgosi Sedekiya: “Wena kapa bahlanka ba hao, kapa setjhaba see, ke le sitetswe ka eng ha e le moo le nkentse tjhankaneng tjee?
19. Ba kae jwale baporofeta ba hao, ba ileng ba o porofetela, ba re: <Kgosi ya Babilona ha e ka ke ya o futuhela, kapa ya futuhela naha ena?>
20. Kahoo ako mamele, ke a o rapela hle, mong ka, kgosi ya ka, ako amohele thapedi ya ka: Se hlole o nkgutlisetsa tlung ya Jonathane, eo e leng mongodi, esere ka ya shwela teng.”
21. Yaba kgosi Sedekiya o laela hore ba boloke Jeremia lebaleng la tjhankana, le hore ka tsatsi le leng le le leng a fuwe sengwathwana sa bohobe bo tswang ho ba phehang bohobe, ho fihlela bohobe bo fela motseng moo. Yaba Jeremia o dula moo lebaleng la tjhankana.