7. “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tle le bolelle kgosi ya Juda e le rommeng ho nna, le re: <Bona mona, lebotho la Faro le tlileng ho tla le thusa le tla kgutlela Egepeta, naheng ya habo lona.
8. Bakalatiya ba tla boela ba etla, ba futuhele motse ona, ba o hape, ba o tjhese ka mollo.>
9. “Kahoo Morena o bua tjena: Le se ke la ithetsa ka ho re: <Ruri Bakalatiya ba tla re tlohela.> Ba ke ke ba le tlohela!
10. Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”
11. Ha lebotho la Bakalatiya le se le tlohile Jerusalema ka lebaka la ho tshaba lebotho la Faro,
12. Jeremia o ile a tloha Jerusalema, a ya naheng ya Benjamine, ho ya fumana lefa la hae hara setjhaba sa habo.
13. Eitse ha a fihla Monyako wa Benjamine a fumana molaodi wa balebedi moo, eo lebitso la hae e neng e le Jiriya, mora wa Shelemiya, setloholo sa Hananiya. Yaba Jiriya o tshwara moporofeta Jeremia, o re: “Wena o ilo ineela ho Bakalatiya!”
14. Jeremia a re: “O leshano! Ha ke yo ineela ho Bakalatiya!” Empa Jiriya a se ke a mo mamela, a mo tshwara, a mo isa ho babusi.
15. Yaba babusi ba halefela Jeremia haholo, ba a mo shapa, ba mo kenya tjhankaneng, ka tlung ya Jonathane, eo e neng e le mongodi wa puso, e leng ntlo eo ba neng ba e fetotse tjhankana.
16. Jeremia a lahlelwa ka tjhankaneng e lefifi e katlasa ntlo, mme a hlola teng nako e telele.