Jeremia 37:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Kgosi Sedekiya, mora wa Josiya, a etswa kgosi ya Juda ke Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo nea setulo sa Koniya, mora wa Jehoyakime.

2. Empa Sedekiya le bahlanka ba hae, le baahi ba naha eo, ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena, ao a a buileng ka molomo wa moporofeta Jeremia.

3. Kgosi Sedekiya a roma Jukale, mora wa Shelemiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, ho moporofeta Jeremia, a re: “Ako re rapelle ho Morena Modimo wa rona hle!”

4. Kaha Jeremia a ne a eso kwallwe tjhankaneng, o ne a ena le hona ho itsamaela hara setjhaba ka bolokolohi.

5. Ka nako eo lebotho la Faro le ne le tswile Egepeta. Yare ha Bakalatiya, ba neng ba thibeletse Jerusalema, ba utlwela taba tseo, ba tloha Jerusalema.

6. Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jeremia, la re:

7. “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tle le bolelle kgosi ya Juda e le rommeng ho nna, le re: <Bona mona, lebotho la Faro le tlileng ho tla le thusa le tla kgutlela Egepeta, naheng ya habo lona.

8. Bakalatiya ba tla boela ba etla, ba futuhele motse ona, ba o hape, ba o tjhese ka mollo.>

9. “Kahoo Morena o bua tjena: Le se ke la ithetsa ka ho re: <Ruri Bakalatiya ba tla re tlohela.> Ba ke ke ba le tlohela!

10. Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”

11. Ha lebotho la Bakalatiya le se le tlohile Jerusalema ka lebaka la ho tshaba lebotho la Faro,

12. Jeremia o ile a tloha Jerusalema, a ya naheng ya Benjamine, ho ya fumana lefa la hae hara setjhaba sa habo.

Jeremia 37