8. Yaba Baruke, mora wa Neriya, o phetha tsohle tseo moporofeta Jeremia a mo laetseng tsona, a bala mantswe a Morena bukeng, a le ka Tempeleng ya Morena.
9. Ka kgwedi ya borobong ya selemo sa bohlano sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ha phatlalletswa setjhaba sohle sa Jerusalema, le setjhaba sohle se tlileng Jerusalema se etswa metseng ya Juda, letsatsi la ho itima dijo moo Morena a leng teng.
10. Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.
11. Yare hoba Mmikiya, mora wa Gemariya, setloholo sa Shafane, a utlwe mantswe wohle a Morena a tswang bukeng,
12. a theohela tlung ya kgosi, a kena ka kamoreng ya mongodi wa puso. Ka teng a fumana mahosana wohle a dutse, e leng: Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, le Delaya, mora wa Shemaya, le Elenathane, mora wa Akabore, le Gemariya, mora wa Shafane, le Sedekiya, mora wa Hananiya, le mahosana a mang wohle.
13. Yaba Mmikiya o ba bolella mantswe wohle ao a a utlwileng a balwa ke Baruke bukeng, moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.
14. Ka baka leo, mahosana wohle a roma Jehudi, mora wa Netaniya, setloholo sa Shelemiya, setloholwana sa Kushi, ho Baruke, a re: “Nka buka eo o ileng wa e balla setjhaba, o tle le yona kwano.” Yaba Baruke, mora wa Neriya, o nka buka, o ya ho mahosana.
15. Mahosana a re ho yena: “Dula fatshe, o re balle buka, re utlwe.” Baruke a a balla yona.
16. Yare hoba mahosana a utlwe mantswe ao wohle, a shebana a tshohile haholo, a re: “Ruri re tla tsebisa kgosi ditaba tsena tsohle!”
17. Mahosana a botsa Baruke, a re: “Ako re bolelle: Mantswe aa ao o a ngotseng a tswa kae? Na a tswa molomong wa Jeremia?”
18. Baruke a araba mahosana, a re: “Jeremia o ile a bua mantswe ana wohle ho nna, yaba nna ke a ngola bukeng ena ka enke.”
19. Yaba mahosana a re ho Baruke: “Wena le Jeremia tsamayang le yo ipata, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng!”
20. Mahosana a bea buka ka kamoreng ya Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, a nto ya ho kgosi ka lapeng, a e bolella mantswe wohle a buka moo e ntseng e utlwa.