Jeremia 36:20-32 BIBELE (SSO89SO)

20. Mahosana a bea buka ka kamoreng ya Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, a nto ya ho kgosi ka lapeng, a e bolella mantswe wohle a buka moo e ntseng e utlwa.

21. Kgosi ya roma Jehudi ho ya lata buka, mme a e nka ka kamoreng ya Eleshama, mongodi wa puso. Jehudi a e balla kgosi le mahosana a neng a ena le kgosi.

22. E ne e le ka kgwedi ya borobong, mme kgosi e dutse ka kamoreng eo e dulang ka ho yona mariha, e orile mollo.

23. E ne e ye e re ha Jehudi a badile maqephe a mararo kapa a mane, kgosi e a sehe ka thipa, e a lahlele mollong o ntseng o tuka ifo, ho fihlela buka yohle e etjha lore! mollong oo o ntseng o tuka ifo.

24. Empa mahosana ha a a ka a tshoha, kapa a hahola diaparo tsa wona; esita le yona kgosi kapa e mong feela wa bahlanka ba yona ba ileng ba utlwa mantswe ana wohle.

25. Elenathane le Delaya le Gemariya ba ne ba ile ba rapela kgosi hore e se ke ya tjhesa buka, empa kgosi ya se ke ya ba mamela.

26. Yaba kgosi e laela kgosana Jerahameele, le Seraya, mora wa Aseriele, le Shelemiya, mora wa Abedele, hore ba tshware Baruke, eo e neng e le mongodi, le moporofeta Jeremia, empa Morena a ba pata.

27. Hoba kgosi e tjhese buka le mantswe wohle ao Baruke a neng a a ngotse a etswa molomong wa Jeremia, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:

28. “Nka buka e nngwe hape, mme ho yona o ngole mantswe wohle a neng a ngotswe bukeng ya pele eo Jehoyakime, kgosi ya Juda, a ileng a e tjhesa.

29. O be o bolelle Jehoyakime, kgosi ya Juda, o re: <Morena o bua tjena: O ile wa tjhesa buka ena, wa re: Ke ka baka lang ha o ngotse bukeng ee, wa re: Ruri kgosi ya Babilona e tla tla e timetsa naha ena, mme e fedise batho le diphoofolo?>

30. Ka baka leo, Morena o bua tjena ka Jehoyakime, kgosi ya Juda: <Jehoyakime ha a na ho ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida; setopo sa hae se tla lahlelwa ntle, motsheare se tjheswe ke lebatama la letsatsi, bosiu se lalwe ke serame.

31. Yena le bana ba hae le bahlanka ba hae ke tla ba otlela bokgopo ba bona. Bona le baahi ba Jerusalema le baahi ba Juda, ke tla ba dihela koduwa eo ke ba boleletseng hore ka tla e dihela hodima bona, hobane ha ba a ka ba mmamela.> ”

32. Yaba Jeremia o nka buka e nngwe hape, o e nea Baruke, mora wa Neriya, mme Baruke, kaha e ne e le mongodi, a ngola mantswe wohle a tswang molomong wa Jeremia, a neng a le bukeng eo Jehoyakime, kgosi ya Juda, a ileng a e tjhesa mollong. Ha eketswa le mantswe a mang a mangata, a tshwanang le a pele.

Jeremia 36