19. Yaba mahosana a re ho Baruke: “Wena le Jeremia tsamayang le yo ipata, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng!”
20. Mahosana a bea buka ka kamoreng ya Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, a nto ya ho kgosi ka lapeng, a e bolella mantswe wohle a buka moo e ntseng e utlwa.
21. Kgosi ya roma Jehudi ho ya lata buka, mme a e nka ka kamoreng ya Eleshama, mongodi wa puso. Jehudi a e balla kgosi le mahosana a neng a ena le kgosi.
22. E ne e le ka kgwedi ya borobong, mme kgosi e dutse ka kamoreng eo e dulang ka ho yona mariha, e orile mollo.
23. E ne e ye e re ha Jehudi a badile maqephe a mararo kapa a mane, kgosi e a sehe ka thipa, e a lahlele mollong o ntseng o tuka ifo, ho fihlela buka yohle e etjha lore! mollong oo o ntseng o tuka ifo.
24. Empa mahosana ha a a ka a tshoha, kapa a hahola diaparo tsa wona; esita le yona kgosi kapa e mong feela wa bahlanka ba yona ba ileng ba utlwa mantswe ana wohle.
25. Elenathane le Delaya le Gemariya ba ne ba ile ba rapela kgosi hore e se ke ya tjhesa buka, empa kgosi ya se ke ya ba mamela.
26. Yaba kgosi e laela kgosana Jerahameele, le Seraya, mora wa Aseriele, le Shelemiya, mora wa Abedele, hore ba tshware Baruke, eo e neng e le mongodi, le moporofeta Jeremia, empa Morena a ba pata.
27. Hoba kgosi e tjhese buka le mantswe wohle ao Baruke a neng a a ngotse a etswa molomong wa Jeremia, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:
28. “Nka buka e nngwe hape, mme ho yona o ngole mantswe wohle a neng a ngotswe bukeng ya pele eo Jehoyakime, kgosi ya Juda, a ileng a e tjhesa.
29. O be o bolelle Jehoyakime, kgosi ya Juda, o re: <Morena o bua tjena: O ile wa tjhesa buka ena, wa re: Ke ka baka lang ha o ngotse bukeng ee, wa re: Ruri kgosi ya Babilona e tla tla e timetsa naha ena, mme e fedise batho le diphoofolo?>