1. Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe lena le tswang ho Morena la fihla ho Jeremia, la re:
2. “Nka buka, o ngole ho yona mantswe wohle ao ke a buileng ho wena ka Iseraele le Juda le ditjhaba tsohle, ho tloha mohla ke neng ke bua le wena, mehleng ya Josiya, ho fihlela kajeno lena.
3. Mohlomong ba morabe wa Juda ba tla utlwa dikoduwa tsohle tseo ke rerileng ho ba dihela tsona, mme motho ka mong a bake mekgweng ya hae e mebe, ebe ke ba tshwarela bokgopo ba bona le sebe sa bona.”
4. Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora wa Neriya. Baruke a ngola mantswe wohle a tswang molomong wa Jeremia, ao Morena a neng a a buile ho yena, a a ngola bukeng.
5. Jeremia a bolella Baruke, a re: “Nna ke thibetswe, nke ke ka ya ka Tempeleng ya Morena;
6. ka baka leo, wena tsamaya, o yo bala ditaba tseo o di ngotseng bukeng di etswa molomong wa ka, e leng mantswe a Morena; o di balle ka Tempeleng ya Morena, moo setjhaba se ntseng se utlwa, mohla letsatsi la ho itima dijo. O be o di balle le bohle ba morabe wa Juda ba tswang metseng ya bona.
7. Mohlomong ba tla ithapella ho Morena, mme motho ka mong a kgutle tseleng ya hae e kgopo, hobane kgalefo eo Morena a halefetseng setjhaba sena ka yona e kgolo.”
8. Yaba Baruke, mora wa Neriya, o phetha tsohle tseo moporofeta Jeremia a mo laetseng tsona, a bala mantswe a Morena bukeng, a le ka Tempeleng ya Morena.
9. Ka kgwedi ya borobong ya selemo sa bohlano sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ha phatlalletswa setjhaba sohle sa Jerusalema, le setjhaba sohle se tlileng Jerusalema se etswa metseng ya Juda, letsatsi la ho itima dijo moo Morena a leng teng.
10. Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.
11. Yare hoba Mmikiya, mora wa Gemariya, setloholo sa Shafane, a utlwe mantswe wohle a Morena a tswang bukeng,
12. a theohela tlung ya kgosi, a kena ka kamoreng ya mongodi wa puso. Ka teng a fumana mahosana wohle a dutse, e leng: Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, le Delaya, mora wa Shemaya, le Elenathane, mora wa Akabore, le Gemariya, mora wa Shafane, le Sedekiya, mora wa Hananiya, le mahosana a mang wohle.
13. Yaba Mmikiya o ba bolella mantswe wohle ao a a utlwileng a balwa ke Baruke bukeng, moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.
14. Ka baka leo, mahosana wohle a roma Jehudi, mora wa Netaniya, setloholo sa Shelemiya, setloholwana sa Kushi, ho Baruke, a re: “Nka buka eo o ileng wa e balla setjhaba, o tle le yona kwano.” Yaba Baruke, mora wa Neriya, o nka buka, o ya ho mahosana.
15. Mahosana a re ho yena: “Dula fatshe, o re balle buka, re utlwe.” Baruke a a balla yona.
16. Yare hoba mahosana a utlwe mantswe ao wohle, a shebana a tshohile haholo, a re: “Ruri re tla tsebisa kgosi ditaba tsena tsohle!”
17. Mahosana a botsa Baruke, a re: “Ako re bolelle: Mantswe aa ao o a ngotseng a tswa kae? Na a tswa molomong wa Jeremia?”