Jeremia 35:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. Yaba ke bea kapele ho ba morabe wa Barekabe dinkgo tse tletseng veine, ka bea le mehope, ka re ho bona: “Nwaang veine ke ena.”

6. Empa bona ba re: “Re ke ke ra nwa veine, hobane ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, o ne a re laele, a re: <Lona le bana ba lona le se ke la nwa veine le ka mohla!

7. Le se ke la haha le matlo, kapa la jala peo, kapa la lema dirapa tsa morara, kapa la ba le e nngwe ya dintho tsena, empa ka matsatsi wohle a bophelo ba lona le iphelele ditenteng, hore le tle le phele halelele naheng eo le e jakileng.>

8. Kahoo re hlomphile taelo eo ya ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, dinthong tsohle tseo a re laetseng tsona, e leng ho se nwe veine ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, rona le basadi ba rona, le bara ba rona, le baradi ba rona.

9. Ha re eso ikgahele matlo ao re phelang ho wona; ha re na dirapa tsa morara kapa masimo leha e le yona peo.

10. Haesale re iphelela ditenteng, re hlompha, mme re phetha tsohle tseo ntata rona moholo Jonadabe a neng a re laele tsona.

Jeremia 35