10. Haesale re iphelela ditenteng, re hlompha, mme re phetha tsohle tseo ntata rona moholo Jonadabe a neng a re laele tsona.
11. Empa ya na yare mohla Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhelang naha ena, ra re: <A re tsamayeng, re ikeleng Jerusalema, re baleheng mabotho a Bakalatiya le a Baarame.> Ke ka lebaka lena re phelang mona Jerusalema.”
12. Yaba lentswe la Morena le fihla ho Jeremia, le re:
13. “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsamaya o yo botsa banna ba morabe wa Juda, le baahi ba Jerusalema, o re: <Na le hana ho amohela ditaelo tsa ka le ho mamela mantswe a ka?> ho rialo Morena.
14. <Ditaelo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ne a laela bara ba hae hore ba se ke ba nwa veine, di phethilwe. Ho fihlela kajeno lena ha ba nwe veine, ba hlompha taelo ya ntata bona moholo. Le hoja nna ke buile le lona ka makgetlokgetlo, ha le a ka la mmamela.
15. Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.
16. Ditloholo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, tsona di phethile ditaelo tseo moholoholo wa tsona a neng a di laele tsona, empa setjhaba sena sona ha se a ka sa mmamela.>
17. “Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Bonang mona, ke tla dihela morabe wa Juda le baahi bohle ba Jerusalema koduwa eo ke ba boleletseng hore ke tla e dihela hodima bona, hobane ke buile le bona, empa ha ba a ka ba mamela; ke ba bitsitse, empa ha ba a ka ba arabela.> ”
18. Yaba Jeremia o re ho ba morabe wa Barekabe: “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Kahobane le hlomphile molao wa ntata lona moholo Jonadabe, la boloka ditaelo tsohle tsa hae, la etsa tsohle ho ya kamoo a le laetseng tsona kateng,
19. Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ka ke a hloka setloholo se tla ntshebeletsa,> ho rialo Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.”