1. Mehleng ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re:
2. “Tsamaya o yo bua le morabe wa Barekabe, ebe o ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, o ba kenya ka ho e nngwe ya dikamore, o ba fa veine hore ba e nwe.”
3. Yaba ke nka Jaasaneya, mora wa Jeremia, setloholo sa Habasiniya le bana babo, le bara ba hae bohle, le morabe wohle wa Barekabe.
4. Ka ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, ka ba kenya ka kamoreng ya bara ba Hanane, mora wa Jigedaleya, moporofeta wa Modimo ya neng a le haufi le kamore ya mahosana, e neng e le kahodimo ho kamore ya Maasiya, mora wa Shalome, eo e neng e le molebedi wa monyako.
5. Yaba ke bea kapele ho ba morabe wa Barekabe dinkgo tse tletseng veine, ka bea le mehope, ka re ho bona: “Nwaang veine ke ena.”
6. Empa bona ba re: “Re ke ke ra nwa veine, hobane ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, o ne a re laele, a re: <Lona le bana ba lona le se ke la nwa veine le ka mohla!