9. Eka kgona motho ka mong a lokolle lekgoba la hae le lekgabunyane la hae, leo e leng Moheberu, e le hore ho se be le ya mong ya ka sebeletswang ke lekgoba la Mojuda eo e leng ngwanabo.
10. Ha mahosana wohle le batho bohle ba neng ba entse selekane, ba utlwa hore motho ka mong eka kgona a lokolle lekgoba la hae le lekgabunyane la hae, hore a se hlole a ba sebeletsa, ba a lokolla.
11. Empa hamorao ba kweneha, ba etsa hore makgoba le makgabunyane a neng a se a lokolotswe, a kgutle, e be makgoba le makgabunyane hape.
12. Ka baka leo, lentswe le tswang ho Morena la fihla ho Jeremia, la re:
13. “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ne ke etse selekane le bo-ntata lona moholo mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta, bokgobeng, ka re:
14. <Ha dilemo tse supileng di fetile, motho ka mong o lokela ho lokolla ngwanabo wa Moheberu, eo a mo rekiseditsweng. O tlo mo lokolle ha a o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng,> empa bo-ntata lona moholo ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho sekeha ditsebe tsa bona.
15. Lona le ile la sokoloha, la etsa ho lokileng mahlong a ka ha motho ka mong a ne a phatlalletsa mohahabo tokoloho. Hape le ne le entse selekane moo ke leng teng, kahare ho Tempele e bitswang ka lebitso la ka.
16. Empa le ile la kweneha, la silafatsa lebitso la ka, motho ka mong a kgutlisetsa lekgoba la hae le lekgabunyane la hae bokgobeng boo le neng le se le lokolotswe ho bona, hore e boele e be makgoba le makgabunyane a lona.
17. “Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ha le a ka la mamela ha ke re motho ka mong a lokolle ngwanabo le ya ahelaneng le yena, ho rialo Morena. Bonang mona he, le lona ke le phatlalletsa tokoloho, e leng tokoloho ya ho bolawa ka sabole, ya ho bolawa ke lefu la sewa, le ya ho bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e le nyonye.
18. Batho ba sentseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha dipallo tsa selekane seo ba neng ba se etse moo ke leng teng, ke tla ba etsisa namane eo ba neng ba e kgekgethe, ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya yona.
19. Ba ileng ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya namane, ke mahosana a Juda le mahosana a Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba sohle sa naha ena.
20. Ruri ke tla neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha.
21. “Ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le mahosana a hae, matsohong a dira tsa bona le matsohong a ba batlang ho ba bolaya, e leng matsohong a bahlabani ba kgosi ya Babilona ba ileng ba kokotoloha, ba kgutlela hae.
22. Bonang, ho rialo Morena, ke tla ba laela, ke be ke etse hore ba kgutlele motseng ona. Ba tla o futuhela, ba o hape, ba be ba o tjhese ka mollo. Ke tla etsa hore metse ya Juda e be lehwatata le se nang baahi.”