7. E ne e le ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a neng a futuhetse Jerusalema le metse ya Juda e neng e setse, e leng Lakishe le Aseka, kaha hara metse e haheleditsweng ya Juda, e ne e le yona feela e sa setseng.
8. Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia le etswa ho Morena, kamora hoba kgosi Sedekiya a etse selekane le setjhaba sohle se neng se le Jerusalema, e leng selekane sa hore ho phatlalletswe makgoba tokoloho.
9. Eka kgona motho ka mong a lokolle lekgoba la hae le lekgabunyane la hae, leo e leng Moheberu, e le hore ho se be le ya mong ya ka sebeletswang ke lekgoba la Mojuda eo e leng ngwanabo.
10. Ha mahosana wohle le batho bohle ba neng ba entse selekane, ba utlwa hore motho ka mong eka kgona a lokolle lekgoba la hae le lekgabunyane la hae, hore a se hlole a ba sebeletsa, ba a lokolla.
11. Empa hamorao ba kweneha, ba etsa hore makgoba le makgabunyane a neng a se a lokolotswe, a kgutle, e be makgoba le makgabunyane hape.
12. Ka baka leo, lentswe le tswang ho Morena la fihla ho Jeremia, la re:
13. “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ne ke etse selekane le bo-ntata lona moholo mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta, bokgobeng, ka re:
14. <Ha dilemo tse supileng di fetile, motho ka mong o lokela ho lokolla ngwanabo wa Moheberu, eo a mo rekiseditsweng. O tlo mo lokolle ha a o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng,> empa bo-ntata lona moholo ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho sekeha ditsebe tsa bona.
15. Lona le ile la sokoloha, la etsa ho lokileng mahlong a ka ha motho ka mong a ne a phatlalletsa mohahabo tokoloho. Hape le ne le entse selekane moo ke leng teng, kahare ho Tempele e bitswang ka lebitso la ka.
16. Empa le ile la kweneha, la silafatsa lebitso la ka, motho ka mong a kgutlisetsa lekgoba la hae le lekgabunyane la hae bokgobeng boo le neng le se le lokolotswe ho bona, hore e boele e be makgoba le makgabunyane a lona.
17. “Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ha le a ka la mamela ha ke re motho ka mong a lokolle ngwanabo le ya ahelaneng le yena, ho rialo Morena. Bonang mona he, le lona ke le phatlalletsa tokoloho, e leng tokoloho ya ho bolawa ka sabole, ya ho bolawa ke lefu la sewa, le ya ho bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e le nyonye.