1. Nakong eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a futuhetse Jerusalema le metse yohle e e potapotileng, a ena le mabotho wohle a hae le mebuso yohle ya lefatshe e neng e le tlasa puso ya hae, le ditjhaba tsohle, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re:
2. “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Tsamaya o yo bua le Sedekiya, kgosi ya Juda, o mmolelle, o re: Morena o bua tjena: Bona, ke tla neelana ka motse ona matsohong a kgosi ya Babilona, mme e tla o tjhesa ka mollo.
3. Ha o ka ke wa phonyoha matsohong a yona; o tla fela o thopuwe, o bewe matsohong a yona. Kgosi eo ya Babilona o tla e bona ka mahlo a hao, o buisane le yona le tadimane, ebe jwale o iswa Babilona.
4. “ <Empa wena Sedekiya, kgosi ya Juda, mamela lentswe la Morena. Morena o bua ho wena: Ha o ka ke wa bolawa ka sabole,
5. empa o tla itjhwella ka kgotso. Jwalokaha setjhaba se ne se besetse bo-ntataomoholo, e leng dikgosi tsa boholoholo tse bileng teng pele ho wena, mollo wa bofifi, le wena se tla o besetsa mollo o jwalo, se o llele, se re: “Oho, morena wa rona!” Ke nna ya buang jwalo, ho rialo Morena.> ”
6. Yaba moporofeta Jeremia o bua mantswe ana wohle ho Sedekiya, kgosi ya Juda, a le Jerusalema.
7. E ne e le ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a neng a futuhetse Jerusalema le metse ya Juda e neng e setse, e leng Lakishe le Aseka, kaha hara metse e haheleditsweng ya Juda, e ne e le yona feela e sa setseng.
8. Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia le etswa ho Morena, kamora hoba kgosi Sedekiya a etse selekane le setjhaba sohle se neng se le Jerusalema, e leng selekane sa hore ho phatlalletswe makgoba tokoloho.