Jeremia 33:9-19 BIBELE (SSO89SO)

9. Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona.

10. “Morena o bua tjena: Naheng ena eo lona le reng: <Ke nanaola, ha ho na batho, ha ho na diphoofolo ho yona,> le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tseo e leng dithako, moo ho seng batho kapa baahi, leha e le tsona diphoofolo,

11. ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re:“ <Lebohang Morena wa mabotho,hobane Morena o lokile,mohau wa haeke wa kamehla yohle,>“hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.

12. “Morena wa mabotho a bua tjena: Naheng ena eo e leng nanaola, e se nang batho leha e le diphoofolo, le metseng yohle ya yona, ho tla boela ho eba le metebo, moo badisa ba tla bothisa mehlape ya bona teng.

13. Metseng e dithabeng, le metseng e dikgohlong, le metseng e ka Borwa, le naheng ya Benjamine, le metseng e mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, badisa ba sa tla boela ba bala mehlape ya bona,” ho rialo Morena.

14. “Bonang, matsatsi a a tla, ao ka wona ke tla phethahatsa ditshepiso tse molemo, tseo ke di etseditseng ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda,” ho rialo Morena.

15. “Matsatsing ao le nakong eo, ke tla etsa hore Lekala la ho loka le hlome mothapong wa Davida, mme Lekala leo le tla ahlola ka toka le ka nepo lefatsheng.

16. Matsatsing ao setjhaba sa Juda se tla pholoswa, Jerusalema le yona e phele ka kgotso. Lena ke lona lebitso leo Jerusalema e tlang ho bitswa ka lona: Morena ke toka ya rona.

17. “Morena o bua tjena: Davida a ke ke a hloka ya tla mo hlahlama bokgosing ba Iseraele,

18. le baprista ba Balevi ba ke ke ba hloka ya tla ntshebeletsa ka ho nketsetsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya dijo, le ho nketsetsa mahlabelo kamehla.”

19. Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:

Jeremia 33