Jeremia 33:20-24 BIBELE (SSO89SO)

20. “Morena o bua tjena: Ha o ka wa senya selekane seo ke se entseng le letsatsi, kapa wa senya selekane seo ke se entseng le bosiu, hore letsatsi le bosiu di se hlole di eba teng ka nako ya tsona,

21. le selekane seo ke se entseng le Davida, mohlanka wa ka, le selekane seo ke se entseng le baprista ba Balevi ba ntshebeletsang, se ka senngwa, le Davida a ka hloka mohlahlami setulong sa hae sa bokgosi.

22. Jwalokaha dinaledi tsa lehodimo di ke ke tsa balwa, le lehlabathe la lewatle le ke ke la balwa, ka mokgwa o jwalo ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, ke atise le palo ya Balevi ba ntshebeletsang.”

23. Lentswe la Morena la boela la fihla ho Jeremia, la re:

24. “Na ha o eso lemohe seo batho baa ba se buileng, ba re: <Morena o boetse o lahlile malapa a mabedi ao a neng a a kgethile e leng Iseraele le Juda?> Ka baka leo, ba nyedisitse setjhaba sa ka, hore ba se hlole ba se tadima e le setjhaba.

Jeremia 33