1. Lentswe la Morena la boela la fihla ho Jeremia kgetlo la bobedi, ha a ntse a kwaletswe ka lebaleng la tjhankana, la re:
2. “Morena ya entseng lefatshe, ya le bopileng a ba a le tsitsisa, eo lebitso la hae e leng Morena, o bua tjena:
3. <Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.>
4. Modimo wa Iseraele o bua tjena ka matlo a motse ona, le ka matlo a dikgosi tsa Juda, a tla heletswa hore ho hahwe lerako le thibelang ba futuhetseng motse ona ka disabole,
5. e leng Bakalatiya. Empa matlo ao a tla tlala ditopo tsa banna, bao ke tla ba bolaya ha kgalefo ya ka e tlokoma, ke loloma ke bohale, hobane motse ona ke o patetse sefahleho sa ka, ka baka la bokgopo ba bona bohle.
6. “Leha ho le jwalo ke tla tlisetsa motse ona bophelo le pheko. Ke tla fodisa setjhaba sa ka, ke etse hore se phele ka kgotso le ka boiketlo.