1. Lentswe la Morena la boela la fihla ho Jeremia kgetlo la bobedi, ha a ntse a kwaletswe ka lebaleng la tjhankana, la re:
2. “Morena ya entseng lefatshe, ya le bopileng a ba a le tsitsisa, eo lebitso la hae e leng Morena, o bua tjena:
3. <Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.>
4. Modimo wa Iseraele o bua tjena ka matlo a motse ona, le ka matlo a dikgosi tsa Juda, a tla heletswa hore ho hahwe lerako le thibelang ba futuhetseng motse ona ka disabole,
5. e leng Bakalatiya. Empa matlo ao a tla tlala ditopo tsa banna, bao ke tla ba bolaya ha kgalefo ya ka e tlokoma, ke loloma ke bohale, hobane motse ona ke o patetse sefahleho sa ka, ka baka la bokgopo ba bona bohle.
6. “Leha ho le jwalo ke tla tlisetsa motse ona bophelo le pheko. Ke tla fodisa setjhaba sa ka, ke etse hore se phele ka kgotso le ka boiketlo.
7. Ke tla etsa hore bathopuwa ba Juda le bathopuwa ba Jerusalema ba kgutle, ke ba tsitsise jwaloka pele.
8. Ke tla hlakola makgopo wohle a bona, ao ba ntshitetsweng ka wona, ke ba tshwarele dibe tsohle tseo ba di entseng, mme ba ntshitelwa ka tsona.
9. Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona.
10. “Morena o bua tjena: Naheng ena eo lona le reng: <Ke nanaola, ha ho na batho, ha ho na diphoofolo ho yona,> le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tseo e leng dithako, moo ho seng batho kapa baahi, leha e le tsona diphoofolo,