35. Hape ba ile ba hahela Baale dibaka tsa borapedi ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, moo ba tla etsetsa Moloke sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba bona, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa hona ho e nahana, ya ho etsa manyala ana, hore Bajuda ba etse sebe.
36. “Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ka motse ona, oo ha o bua ka wona o reng: <Motse ona o tla newa kgosi ya Babilona ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.>
37. Empa bona, ke tla phutha setjhaba sena dinaheng tsohle tseo ke neng ke se lelekele ho tsona, ha ke ne ke halefile, ke loloma ke bohale, kgalefo ya ka e tlokoma. Ke tla se kgutlisetsa hape sebakeng sena, ke etse hore se phele ho sona ka kgotso.
38. E tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa sona.
39. Ke tla se nea pelo e leng nngwe le sepheo se le seng, hore se tle se ntshabe kamehla yohle, mme sona, mmoho le ditloholo tsa sona, se fumane tse molemo.
40. Ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le setjhaba sena, e leng selekane sa hore ha nka ke ka kgaotsa ho se etsetsa tse molemo. Ke tla etsa hore se ntshabe ka dipelo tsa sona tsohle, e le hore se se hlole se mphuralla.
41. Ke tla thabiswa ke ho se etsetsa tse molemo. Ke tla se tsitsisa naheng ena ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.
42. “Morena o bua tjena: Jwalokaha ke ile ka dihela setjhaba sena koduwa ena yohle, ka mokgwa o jwalo ke tla se tlisetsa tsohle tse molemo, tseo ke se tshepisitseng tsona.
43. Naheng ena eo lona le reng <ke nanaola, ha ho na batho kapa diphoofolo, ho se ho neelanwe ka yona matsohong a Bakalatiya,> ho tla rekwa masimo.
44. Batho ba tla reka masimo ka tjhelete, ho ngolwe ho be ho tiiswe mangolo a theko, ho bitswe dipaki tse tswang naheng ya Benjamine le dibakeng tse haufi le Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e dithabeng, le metseng e ka dikgohlong, le metseng e ka Borwa. Ke tla etsa hore bathopuwa ba kgutle, ho rialo Morena.”