Jeremia 32:15-29 BIBELE (SSO89SO)

15. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Matlo le masimo le dirapa tsa morara, tsena di tla boela di rekwa naheng ena.>

16. “Yare hoba ke neelane ka lengolo la theko matsohong a Baruke, mora wa Neriya, ka rapela Morena, ka re:

17. “Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.

18. O bontshitse lerato ho batho ba diketekete, empa o otla bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona. O Modimo e moholo, ya matla, Morena wa mabotho; leo ke lona lebitso la hao.

19. Merero ya hao e meholo, diketso tsa hao di matla. Mahlo a hao a bona diketso tsohle tsa batho, mme o putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae, le ho ya ka ditholwana tsa mesebetsi ya hae.

20. O entse dipontsho le mehlolo naheng ya Egepeta, le kajeno tsena o ntse o di etsa naheng ya Iseraele le hara ditjhaba tse ding, mme o tumisitse lebitso la hao ho fihlela kajeno.

21. O ile wa ntsha setjhaba sa hao sa Iseraele naheng ya Egepeta ka dipontsho le ka mehlolo, le ka letsoho le matla le otlolohileng le ka ho tshabeha ho hoholo,

22. wa se nea naha ena, eo o neng o hlapanyetse bo-ntata sona hore o tla ba nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.

23. Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.

24. “Bonang, ho se ho hahilwe marako a etsetsang motse ona thibella, hore o tle o haptjwe. Ho se ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya ba o futuhetseng, mme ka baka la sabole sekoboto le lefu la sewa, o tla wela matsohong a bona. Seo o ileng wa se bolela se phethahetse, mme le wena o a se bona.

25. Empa wena Morena Modimo, o itse ho nna: <Ithekele tshimo ena ka tjhelete, o bitse le dipaki,> feela ke mona ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya.”

26. Jwale lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:

27. “Bona mona, ke nna Morena Modimo wa batho bohle; na ho teng se ka ntshitang?

28. Ka lebaka lena, Morena o bua tjena: Ke tla neelana ka motse ona matsohong a Bakalatiya, le matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme o tla o hapa.

29. Bakalatiya ba futuhetseng motse ona, ba tla fihla ba o tjhese ka mollo, hammoho le matlo ao beng ba wona ba nkgalefisitseng ka ho tjhesetsa Baale mokubetso hodima marulelo a matlo ao a bona, le ka ho etsetsa medimo esele nyehelo ya dino.

Jeremia 32