10. Ka ngola lengolo la theko, ka le tiisa, ka bitsa le dipaki, yaba ke bea tjhelete sekaleng.
11. Yaba ke nka lengolo leo la theko, le neng le tiisitswe ho ya ka molao le ka moetlo, hammoho le lengolo le neng le sa kwalwa.
12. Ka nea Baruke, morwa wa Neriya, setloholo sa Maasiya, lengolo la theko moo mora wa rangwane, Hanamele, a leng teng, le moo dipaki tse ingotseng mabitso a tsona lengolong la theko di leng teng, le moo Bajuda bohle ba neng ba dutse ka lebaleng la tjhankana ba ntseng ba bona.
13. “Yaba ke laela Baruke moo ba ntseng ba utlwa, ke re:
14. <Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Nka mangolo ana a mabedi a theko, e leng le tiisitsweng le le sa kwalwang, o a boloke ka nkgong ya letsopa, hore a tle a bolokehe nako e telele.
15. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Matlo le masimo le dirapa tsa morara, tsena di tla boela di rekwa naheng ena.>
16. “Yare hoba ke neelane ka lengolo la theko matsohong a Baruke, mora wa Neriya, ka rapela Morena, ka re:
17. “Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.
18. O bontshitse lerato ho batho ba diketekete, empa o otla bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona. O Modimo e moholo, ya matla, Morena wa mabotho; leo ke lona lebitso la hao.
19. Merero ya hao e meholo, diketso tsa hao di matla. Mahlo a hao a bona diketso tsohle tsa batho, mme o putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae, le ho ya ka ditholwana tsa mesebetsi ya hae.
20. O entse dipontsho le mehlolo naheng ya Egepeta, le kajeno tsena o ntse o di etsa naheng ya Iseraele le hara ditjhaba tse ding, mme o tumisitse lebitso la hao ho fihlela kajeno.
21. O ile wa ntsha setjhaba sa hao sa Iseraele naheng ya Egepeta ka dipontsho le ka mehlolo, le ka letsoho le matla le otlolohileng le ka ho tshabeha ho hoholo,
22. wa se nea naha ena, eo o neng o hlapanyetse bo-ntata sona hore o tla ba nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.
23. Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.