1. Ka selemo sa leshome sa puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya Nebukadenesare, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia.
2. Ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a ne a etseditse Jerusalema thibella, mme moporofeta Jeremia o na kwaletswe ka lebaleng la tjhankana e neng e le ka tlung ya kgosi ya Juda.
3. Sedekiya, kgosi ya Juda, o na mo kwaletse, a re: “Ke ka baka lang ha o porofeta, o re: <Morena o bua tjena: Bona, ke tla neelana ka motse ona matsohong a kgosi ya Babilona, mme e tla o hapa?
4. Sedekiya, kgosi ya Juda, a ke ke a phonyoha matsohong a Bakalatiya, empa ho tla neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Babilona. O tla buisana le yona ba tadimane.
5. E tla isa Sedekiya kwana Babilona, mme o tla hlola moo ho fihlela ke mo etela,> ho rialo Morena. <Leha o ka lwana le Bakalatiya ha o ka ke wa atleha.> ”
6. Jeremia a re: “Lentswe la Morena le ile la fihla ho nna, la re:
7. <Bona, Hanamele, mora wa rangwanao Shalome, o tla fihla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anatote, hobane o na le tokelo ya ho ithekela yona.>
8. “Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: <Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona.>“Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena.
9. Ka reka tshimo ya Hanamele, mora wa rangwane, e neng e le Anatote, mme ka mo lefa ka silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi.