9. Ba tla kgutlaba itshela ka dikgapha,ke ba etelle pele,bona ba ntse ba rapela.Ke tla ba tsamaisapela melatswana e phallang,tseleng e bataletseng,moo ba ke keng ba kgoptjwa,hobane nna ke ntata Iseraele,Efraime ke mora wa ka,mora wa matsibolo.
10. “Lona ditjhaba,utlwang lentswe la Morena,le le phatlalatseho ya fihla mabopong a hole,le re:<Ya qhalantseng Baiseraeleo tla boela a ba phutha,a ba alose sa modisaa alositse mohlape.>
11. Morena o pholositsebana ba Jakobo,a ba lopolla matsohonga ba matla ho ba feta.
12. Ba tla tla ba bineba le hodima Sione,ba thabele bongataba dimpho tsa Morena,e leng koro le veine le ole,le dikonyana, le dipotsanyanele manamane.Ba tla tshwana le serapase nwesetswang hantle,ba ke ke ba hlolaba eba le mahlomola.
13. Barwetsana ba tla etsa motjeko,ba nyakalle,ba nyakalle ba ena le bahlankanale wona maqheku.Bofifi ba bonabo tla fetoha e be thabo,ke ba tshedise,maswabi a bona e be nyakallo.
14. Baprista ke tla ba fepa,ke ba fepe ka tse manoni,tjhaba sa ka se atelweke dimpho tsa ka tse ngata,”ho rialo Morena.
15. Morena o bua tjena:“Mohoo o utlwahetse Rama,seboko le sello sa mmokotsane;Ragele o llela bana ba hae,Ragele o hana ho tshediseha,hobane bana ba haeha ba sa le yo.”
16. Morena o bua tjena:“Kgaotsa ho lla,o hlakole meokgo mahlong,hoba mosebetsi wa haoo tla fumana moputso,”ho rialo Morena.“Ba tla boela ba kgutlakwana naheng ya dira.
17. Tshepo ya horeo tla ba le ditloholo e teng,bana ba hao ba tla kgutlelanaheng ya habo bona,”ho rialo Morena.