Jeremia 31:27-40 BIBELE (SSO89SO)

27. “Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla atisa batho ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda, ke be ke atise le tsona diphoofolo.

28. Jwalokaha ke ile ka hlokomela hore ke ba falatse, ke ba dihe, ke ba lahlele fatshe, ke ba ripitle, ke ba hlokofatse, ka mokgwa o jwalo ke tla hlokomela hore ke ba tsitsise, ke ba hodise,” ho rialo Morena.

29. “Ha nako eo e fihla ha ba sa tla hlola ba re:“ <Bo-ntata ba jele morara o bodila,meno a bana ba bona a a thella.>

30. “Motho ka mong o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, e mong le e mong ya jang morara o bodila meno a hae a tla thella.”

31. “Bonang, matsatsi a a tla,”ho rialo Morena,“ao ka wonake tla etsa selekane se setjha,ke se etse le ba ntlo ya Iseraele,le ba ntlo ya Juda.

32. “Ha se na ho tshwanale selekane seo ke neng ke se etsele baholoholo ba bonaha ke ne ke ba tshwere ka letsoho,ke ba ntsha naheng ya Egepeta.Le hoja ba ile ba senyaselekane sa ka,ke ile ka ba Morena wa bona,”ho rialo Morena.

33. “Selekane seo ke tla se etsale ba ntlo ya Iseraele,hoba matsatsi ao a fete,ke sena,”ho rialo Morena.“Ke tla kenya molao wa kamaikutlong a bona,ke o ngolekahara dipelo tsa bona;ke be Modimo wa bona,bona e be setjhaba sa ka.

34. Motho ha a sa tla hlolaa ruta ya ahisaneng le yena,leha e le ngwanabo,a re: <Tseba Morena,>hobane ba tla ntseba bohle,ho tloha ho ya eisehangho isa ho ya hlomphehang,”ho rialo Morena.“Ke tla ba tshwarelamakgopo a bona,ha ke sa tla hlolake hopola dibe tsa bona.”

35. Morena ya re fileng letsatsiho bonesa motsheare,a ba a beela kgwedi le dinaledimolao o sa fetoheng,wa hore bosiu di bonese,e be masedi,yena ya tuduanyang lewatlehore le hwase,eo bitso la haee leng Morena wa mabotho,o bua tjena:

36. “Haeba melao ena e ka fediswa,”ho rialo Morena,“mahlong a ka ditloholo tsa Iseraele,ha e ka ke ya hlola e eba setjhaba!”

37. Morena o bua tjena:“Haeba mahodimo a hodimoa ka lekanngwa,le metheo ya lefatshe e ka fihlelwa,ke tla furalladitloholo tsohle tsa Iseraele,ka baka la tsohle,tseo di di entseng,”ho rialo Morena.

38. “Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona motse ona o tla tsoswa ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla Kgorong e Hukung.

39. Moedi o tla tloha moo, o be o yo fihla leralleng la Garebe, o nto thinya o lebe Gowata.

40. Kgohlo yohle eo ho lahlelwang ditopo le molora ka ho yona, le naha yohle ho ya fihla molatswaneng wa Kiderone, le ho ya fihla sekgutlong se ka botjhabela, se bitswang Kgoro ya Dipere, naha eo yohle ho Morena e tla halalela. Motse oo o ke ke wa hlola o sa ripitlwa, leha e le ho timetswa le ka mohla.”

Jeremia 31