Jeremia 31:23-27 BIBELE (SSO89SO)

23. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ha ke se ke kgutlisitse setjhaba sena bothopuweng, baahi ba Juda le ba metsana ya yona ba tla boela ba bua tjena:“ <Morena a o hlohonolofatse,wena leaho la toka,wena o leng thaba e halalelang.>

24. “ Naheng ya Juda le metseng yohle ya yona ho tla aha balemi le badisana ba mehlape.

25. Ba kgathetseng ke tla ba kgatholla, ba lapileng ke tla ba fepa.”

26. Yaba jwale ke a phaphama, ke a hlaphohelwa, ka fumana hore ke ne ke robetse hamonate.

27. “Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla atisa batho ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda, ke be ke atise le tsona diphoofolo.

Jeremia 31